Tseba ditokelo tsa hao le tse o tlamang mabapi le UIF (Letlole la Tlhokeho ya Mosebetsi)
Letlole la ho hloka mosebetsi (UIF) ke eng?
Letlole la ho hloka mosebetsi le thehilwe ho fana ka thuso ya nakwana ho basebetsi, ka tlasa dipehelo tse itseng, ha ba le boemong ba ho hloka mosebetsi, kapa ba sa kgone ho sebetsa ka baka la ho kula, boimana kapa llifi ya ho inkela ngwana ka molao, le hona ho fana ka thuso ho baotlwa ba monyehedi ya hlokahetseng.
Tjhelete ya ho tsamaisa Letlole le ho lefa dibenefiti e fumanwa jwang?
Letlole le fumantshwa tjhelete ka dinyehelo tsa kgwedi le kgwedi tsa boramosebetsi le basebetsi. Mmuso ke mohlokomedi wa Letlole lena mme ho lebelletswe hore o fane ka thuso ya ditjhelete ho thiba dikgeo tsa dikgaello nakong tsa ho hloka mosebetsi ho hongata.
Na basebetsi bohle ba lokela ho nyehela Letloleng la ho hloka mosebesti?
Ho tloha ka 1 Mmesa 2002 basebetsi bohle ba sebetsang dihora tse 24 kapa ho feta ka kgwedi ba lokela ho nyehela Letloleng lena.
Ho tloha ka 1 Mmesa 2003 Molao wa Inshorense ya ho hloka mosebetsi o re basebetsi ba malapeng le boramosebetsi ba bona ba nyehele Letloleng lena.
Mekga e latelang ya basebetsi ha e kenyelletswe ho ba nyehelang Letloleng la ho hloka mosebetsi:
Basebetsi ba sebetsang nako e ka tlase ho dihora tse 24 ka kgwedi
Basebeletsi ba setjhaba jwalo ka ha ba hlaloswa Temaneng ya 1 ya Molao wa basebeletsi ba setjhaba wa 1994
Basebetsi ba amohelang Phenshene ya mmuso ya kgwedi le kgwedi (phenshene ya botsofadi), empa ho sa kenyelletswe le thuso ya boqhwala kapa sapoto
Mosebetsi ya etsang tumellano ya mosebetsi le ramosebetsi ka sepheo feela sa ho kena tumellanong ya boithuti jwalo ka ha e hlaloswa temaneng ya 18 ya Molao wa Ntshetsopele ya botsebi
Batho ba kenang Rephaboliking ya Afrika Borwa ka sepheo feela sa ho etsa Mosebetsi wa Kontraka, Tataiso ya botsebi ka boithuti ka hara Rephaboliki ha eba pheletsong ya yona ramosebetsi a tlangwa ke molao kapa ke Kontraka ya Tshebetso, tataiso ya botsebi kapa Boithuti, kapa ke tumellano kapa boitlamo bofe kapa bofe, ho busetsa motho eo hahabo, kapa motho a tlameha ke hona ho tloha Rephaboliking, le ho kgaohana le ramosebetsi wa hae
Basebetsi ba leshwang ka khomishene feela.
Na o lokela ho nyehela Letloleng la ho hloka mosebetsi ha o fumana moputso o hodimo?
E, basebetsi bohle ba lokela ho nyehela Letloleng, ntle le bao ho buuwang ka bona tlasa 3.3 ka hodimo. Selemo le selemo Letlole le beha methati e hodimo ya kuno ya banyehedi. Basebetsi bohle ba unang ho feta mothati o ka hodimodimo ba tla nyehela feela ho fihla mothating wa ho qetela mme ha ba hloka mosebetsi ba tla fumana dibenefiti ka sekgahla sa kuno ya bona. Sena se bolela hore mosebetsi ka mong ho tloha mothating o tlasetlase ho isa ho molaodi wa khampani ba lokela ho nyehela Letloleng.
Na boramosebetsi bohle ba lokela ho nyehela Letloleng?
Boramosebetsi bohle ba hirang motho ofe kapa ofe mme ba mo lefa ka tjhelete kapa ka dithuso ba lokela ho ingodisa Letloleng hang feela ha ba qala ho sebetsa e le boramosebetsi. Ke boikarabelo ba ramosebetsi ho ngodisa kgwebo le ho etsa dikgulo tse hlokahalang moputsong wa basebetsi ba hae. Ha ramosebetsi a hloleha ho etsa sena ho na le dikotlo tse boima tseo a tla di fumana ho ya ka Molao wa Dinyehelo tsa Inshorense ya ho hloka mosebetsi wa 2002. Ebang ramosebetsi ofe kapa ofe a hana ho ingodisa Letloleng mme a sa batle ho etsa dikgulelo, basebetsi ba eletswa ho ikopanya le ba kantoro e haufinyana ya Lefapha la Mesebetsi.
Boramosebetsi ba kgothalletswa ka thata ho ikamahanya le dipehelo tsa Molao ona, ka ha Letlole le fana ka thuso ho bao e neng e le basebetsi ba bona ba haellwang kapa ba se nang se ba phedisang ka baka la ho fellwa ke mosebetsi.
Ke eng e nkwang e le moputso?
Ditjhelete tsohle tse amohelwa di etswa ho ramosebetsi, e le tjhelete kapa e le ka sebopeho se seng. Sena se kenyelletsa ouvathaeme le dibonase, mme dinyehelo di lokela ho thehwa hodima tsona. Ho feta moo, ditefo tsohle tse ikgethang tse fumanwang di nkuwa e le moputso. Mehlala ya ditefo tse ikgethang ke ditefo tse ikgethang tsa maeto, ditefo tse ikgethang tsa boithabiso hammoho le ditefo tse ikgethang tsa dijo le bodulo. Lesedi le fetang mona mabapi le moputso le ka fumanwa tataisong ya EMP10 ya boramosebetsi e fumanwang Tshebeletsong ya Afrika Borwa ya Lekgetho (SARS).
Ho lokela ho nyehelwa bokae Letloleng?
Mosebetsi o lokela ho nyehela 1% ya moputso wa hae wa kgwedi le kgwedi. Hodima 1% eo e leshwang ke mosebetsi, ramosebetsi le yena o nyehela 1% bakeng sa mosebetsi e mong le e mong eo a mo hirileng. Ka hoo nyehelo yohle e leshwang ke 2%. Mohlala, ha mosebetsi a amohela R 1 000 ka kgwedi, ramosebetsi o lokela ho hula 1% ya R 1 000 e leng R 10. Hodima yona ramosebetsi o lokela ho lefa R 10 bakeng sa mosebetsi eo eo a mo hirileng. Ka hoo tjhelete yohle e lokelang ho romelwa UIF kapa SARS, ho ya feela moo ho hlokahalang, ke R 20.
Dinyehelo di lokela ho hulwa kgweding e hodimo feela, mme ramosebetsi ha a a dumellwa ho hula tjhelete e fetang nyehelo ya kgwedi e le nngwe. Ebang ramosebetsi a sa ka a hula dinyehelo tsa dikgwedi tse fetileng, di-2% tsa dinyehelo tse salletseng morao di lokela ho leshwa ke ramosebetsi mme mosebetsi ha a lokela ho ntsha letho.
Ramosebetsi o lefa dinyehelo tsena Letloleng pele ho letsatsi la bosupa la kgwedi e nngwe le e nngwe. Moo letsatsi la bosupa e seng ?letsatsi la mosebetsi? ditefello di lokela ho etswa letsatsing la ho qetela ?la mosebetsi? pele ho letsatsi la bosupa kapa pele ho moo. Ka ?letsatsi la mosebetsi? ho bolelwa letsatsi le leng le le leng ntle ho Moqebelo, Sontaha kapa Letsatsi la phomolo la setjhaba. Bakeng sa ho lefa dinyehelo, boramosebetsi ba ingodiseditseng lekgetho le/kapa Lekgetho la Ntshetsopele ya Botsebi (SDL), ba lokela ho lefa dinyehelo tsa bona Ditshebeletsong tsa lekgetho tsa Afrika Borwa (SARS). Boramosebetsi ba bang ba lokela ho lefa dinyehelo tsa bona Letloleng ka ho otloloha.
Ho na le mekgwa e fapaneng ya ho romela dinyehelo tsena Letloleng. E ka ba ka debit order (moo ramosebetsi a ka hlophisang le banka ya hae), direct bank deposit, (bona dintlha tse mabapi le banka ya Letlole qetellong ya pampitshana ena), Internet Banking ka elektroniki. Le teng bona diaterese qetellong ya pampitshana ena.
Dinyehelo tsa selemo le selemo
Boramosebetsi ba ka lefa dinyehelo tsa selemo sohle, empa tefo eo e lokela ho etswa qalong.
Dinyehelo tsohle tse hlokahalang di lokela ho etswa ka hara meedi ya selemo sa ditjhelete kapa nako ya tlameho le nakong ya matsatsi a supileng ka mora ho qala ha selemo seo sa ditjhelete kapa nako eo ya tlameho. Ka ?selemo sa ditjhelete? kapa ?nako ya tlameho? ho bolelwa nako e qalang letsatsing la pele la Tlhakubele selemong sefe kapa sefe, kapa ho tloha letsatsing la pele la tlameho ebang letsatsi leo le wela letsatsing la pele la Tlhakubele selemong seo sa ditjhelete, mme e fella letsatsing la ho qetela la Tlhakola selemong se latelang. Ramosebetsi ha a lokela ho hula karolo yohle ya nyehelo ya mosebetsi e lokelang ?pele?. Dikgulelo di lokela hore di nne di tsamaelane le dipaka tsa tefo ya moputso. Ebang ka mora moo ramosebetsi a ka elellwa hore ho na le tefo e entsweng e ne e sa tshwanela, kapa e feta tjhelete e neng e lokela ho leshwa, ramosebetsi o lokela ho buseletsa mosebetsi tjhelete eo, kapa moo ramosebetsi a hutseng le ho lefa tjhelete e fetang, ho sa natswe tjhelete e sa buseletswang ramosebetsi ke Letlole la ho hloka mosebetsi. Ditefo tseo tse buswang di lokela ho batlwa Letloleng la ho hloka mosebetsi selemo le selemo le ka mora ho fela ha selemo se amehang sa ditjhelete bakeng sa ditefo tsa selemo sohle feela.
Moo ho bang le ho eketseha ha meputso, sena se lokela ho lokiswa hang ha keketso ya meputso e etsahala mme phapang e leng teng pakeng tsa tjhelete e lokelang ho leshwa le e seng e lefilwe e lokela ho lokiswa.
Diforomo tsa UI-7 di romellwa ho boramosebetsi bohle ba tshebetsong kgwedi le kgwedi ntle le:
ha boingodiso bo hlakotswe ha boingodiso bo fetoletswe ditefellong tsa hang ka selemo ha boingodiso bo fetoletswe ditefong tse etswang SARS.
Ha boramosebetsi ba amohela foromo ya tlaleho ya lekgetho ya SARS (EMP201) ho bolela hore ba lokela ho lefa dinyehelo tsa bona tsa UIF ho SARS ho tloha ka Mmesa 2002. Empa ha ba amohela diforomo tsa UI-7; sena se bolela hore diakhaonte tsa bona tse Letloleng ha di a fetolwa ho bontsha hore ba lefa dinyehelo tsa UIF SARS. Moo ho leng jwalo ho hlokomediswe Letlole ka nomoro ya tshupo e didijiti di 10 ya Pay As You Earn (PAYE) ya kgwebo eo, e le hore ho kgone ho etswa diphetoho tse hlokahalang ho thibela ho romelwa ha UI-7 ka nako e tlang.
Boramosebetsi ba lokela ho nnetefatsa hore dinyehelo tsa UIF di a bontshwa ho EMP201 le hore ditefo di fetisetswa ho SARS. Letlole le ke ke la behwa molato kapa la buisana le SARS kapa boramosebetsi ha ho ba le dikotlo le/kapa tswala e kenngwang ha ditefello di romelwa Letloleng ho ena le ho SARS.
Ho qoba dikotlo le tswala e sa hlokahaleng, boramosebetsi ba lokela ho hlokomela hore ditefello di finyella Letloleng ka nako e behilweng, ho sa natswe hore foromo ya tlaleho ya UI-7 e amohetswe kapa tjhe. Boramosebetsi ba lokela ho ikopanya le Letlole ka nako le nako ha ba sa amohele diforomo tsa UI-7 kapa ha ba amohela diforomo ka phoso.
Na boramosebetsi bohle ba lokela ho tlatsa le ho romela foromo ya UI-7, le ha ba lefa ka elektroniki kapa hang ka selemo.
Boramosebetsi bohle bao HO SA hlokahaleng hore ba lefe dinyehelo tsa bona SARS ba lokela ho tlatsa le ho romela foromo ya UI-7 ho sa natswe mokgwa le makgetlo, le sebaka tsa ho lefa. Ha foromo e le siyo, boramosebetsi ba lokela ho fana ka lesedi le latelang ho thibela hore dinyehelo tse amohetsweng di se ajwe ka phoso kapa di se ajwe ho hang:
Sebaka le mokgwa wa tefo
Nomoro ya boitsebiso ya UIF
Bolelele ba nako boo tefo e bo etsetswang le tjhelete e leshwang.
Ke mosebetsi wa boramosebetsi ho sebetsa tjhelete e lokelang ho leshwa Letlole. Diforomo tse bontshang dinyehelo tse lokelang ho leshwa di tla fuwa boramosebetsi.
Letlole le tseba jwang hore dinyehelo di tswa ho mang?
Letlole le na le dathabeise ya boramosebetsi/basebetsi moo dintlha tsohle tsa khiro tsa basebetsi di bolokwang. Ke boikarabelo ba ramosebetsi ho romela dintlha tsa basebetsi ba hae kaofela Letloleng ho lokisa dathabeise kgwedi le kgwedi kapa ha ho na le phetoho dintlheng tsa mosebetsi. Dintlha tsa mosebetsi di bolokwa dathabeiseng, mme ha motho eo a hloka mosebetsi, Letlole le ka sebetsana le kopo ya hae ntle le tiehiso. Ka hoo, ke hwa bohlokwa ho nnetefatsa hore boramosebetsi ba romela dintlha tsa basebetsi ba bona Letloleng, e le ho lokisa dathabeise.
Na boramosebetsi bohle ba lokela ho romela boipolelo ba kgwedi le kgwedi?
E, boramosebetsi ba a lokela, ho kenyelletswa le bao ho hlokahalang hore ba lefe dinyehelo tsa bona ka SARS. Boramosebetsi bohle ba lokela ho bolela diphetoho dife kapa dife dintlheng tsa basebetsi ba bona hang feela ha phetoho e etsahala. Ha diphetoho di etsahala kgwedi le kgwedi, boipolelo ba diphetoho bo lokela ho romelwa kgwedi le kgwedi.
Na boramosebetsi ba lefang ka selemo ba lokela ho romela boipolelo?
E, hang ka selemo kapa ha ho etsahala diphetoho dintlheng tsa mosebetsi.
Letlole le tla tseba jwang hore le lokela ho lefa bokae ha o hloka mosebetsi?
Sekgahla seo dibenefiti di leshwang ka sona se ya ka sekala se laolwang ke boemo pakeng tsa 38-58%.
Basebetsi ha ba ntse ba sebetsa le ho nyehela Letloleng ba fuwa dintlha.
Dintlha di fumanwa ka tsela ena: Bakeng sa matsatsi a mang le a mang a tsheletseng ao o a sebetsang o le monyehedi, o fumana ntlha ya letsatsi le le leng, mme o ke ke wa feta matsatsi a 238. Hore o kgone ho fumana matsatsi a felletseng a 238 o tlamehile hore o be o sebeditse o le monyehedi bonyane dilemo tse nne.
Mosebetsi o nkwa a nyehetse Letloleng ho tloha letsatsing la pele la ho sebetsa ha hae ho fihlela a tswa mosebetsing. Nako ya nothisi e sebeditsweng pele ho ho tswa mosebetsing le yona e nkwa e le nako ya mosebetsi. Le ha ho le jwalo, ho hlokomelwe hore basebetsi ba malapeng ba nkwa e le banyehedi ho tloha ka la 1 Mmesa 2003.
Molao wa Inshorense ya ho hloka mosebetsi o Hlomathisitsweng wa 2003 le ona o shebane le maemo a boramosebetsi ba fetang bonngwe ba mosebetsi wa lapeng, mme o tlisa kgopolo ya khiro e ka mmoho ho basebetsi ba nang le boramosebetsi ba fetang bonngwe.
Molao o fana ka dibenefiti tse lokelang ho leshwa ha kuno ya mosebetsi e le ka tlase ho moedi o fanweng wa seo a neng a se amohela pele ha a ne a hirilwe ke malapa ohle. Mohlala, Ha mosebetsi wa lapeng a sebelletsa malapa a mararo mme moputso ohle e le R600,00 mme a lahlehelwa ke kuno ya lelapa le le leng ya R 200,00 o kgona ho fumana dibenefiti tsa hae ka ha jwale o se a fumana R 400,00 mme o lahlehetswe ke kuno ya
Ke feela mosebetsi o fedileng dikgweding tse tsheletseng tse fetileng o tla shejwa ho tloha letsatsi le etellang letsatsi la kopo pele ho nnetefatsa hore mosebetsi o hloka mosebetsi ka ho phethahala kapa jwang. Hape bakeng sa basebetsi ba lapeng letsatsi la lefu la ramosebetsi le tla nkuwa e le letsatsi la ho hloka mosebetsi. Tjhelete ya dibenefiti e lokelang ho leshwa e tla etswa ho ya ka boipolelo ba ho qetela ba ramosebetsi, mme ha ho se boipolelo mohlanka wa dipatlo o tla sebetsa dibenefiti tsa mosebetsi ho ya ka bopaki ba ditokomane bo rometsweng ho mohlanka wa dipatlo.
Ho etsahalang ha moputso o dula o fetoha?
Ha moputso o dula o fetoha/fapana ka kgwedi kapa ka beke palohare ya moputso wa dikgwedi tsa ho qetela tse tsheletseng e lokela ho sebediswa ho sebetsa tefo ya dibenefiti tsa mosebetsi.
Ke mefuta efe ya dibenefiti tsa mosebetsi eo Letlole le fanang ka yona?
Letlole la UIF le fana ka mefuta e mehlano ya dibenefiti tsa mosebetsi:
Tsa ho hloka mosebetsi (Karolo ya 17)
Tsa ho kula (Karolo ya 22)
Tsa boimana (Karolo ya 25)
Tsa ho inkela ngwana ka molao ( Karolo ya 28)
Tsa baotlwa (Lefu) (Karolo ya 31)
Dibenefiti tsa ho hloka mosebetsi
Kopo ya dibenefiti e lokela ho etswa pele ho feta dikgwedi tse tsheletseng mosebetsi o fedile.
Dibenefiti di leshwa ho tloha mohla letsatsi la kopo.
Dibenefiti di leshwa feela ha ho hloka mosebetsi ho nka nako e fetang matsatsi a 14.
Dibenefiti di leshwa feela ha ramosebetsi a kgaola tshebetso ya mosebetsi. Ha mosebetsi a kgaola tshebetso ya hae kapa a nyamela feela, ha ho dibenefiti tse tla leshwa, ntle le ha ho kgaolwa ho ka bonwa e le ho lelekwa.
Dibenefiti di leshwa ha ramosebetsi wa mosebetsi wa lapeng a eshwa.
Dibenefiti di leshwa ha khampani e tjhonne
Monyehedi o lokela ho ngodiswa setsing se haufi le yena sa mosebetsi e le motho ya batlang mosebetsi ho ya ka Molao wa Ntshetsopele ya Botsebi wa 1998, hore a be lenaneng la ba ka fumantshwang dibenefiti tsa ho hloka mosebetsi. Monyehedi o lokela ho kgona le ho fumaneha bakeng sa mosebetsi.
Monyehedi o lokela ho itlhahisa ka dinako tse behilweng le dibakeng tse behilweng ke mohlanka wa dipatlo ka sepheo sa ho saena rejistara ya ho hloka mosebetsi.
Monyehedi o lokela ho kenela thupelo le tataiso ho tsa mosebetsi ebang a laelwa ke mohlanka wa dipatlo. Ha monyehedi a ka hana ho kenela thupelo ntle le lebaka le utlwahalang monyehedi a ke ke ba lenaneng la ho fumantshwa dibenefiti.
Ho shebilwe dintlha, dibenefiti di ka leshwa ho fihla ho matsatsi a 238 nakong e nngwe le e nngwe ya dilemo tse nne.
Dibenefiti tsa ho kula
Kopo ya dibenefiti e lokela ho etswa nakong ya dikgwedi tse tsheletseng tseo mosebetsi a tlohetseng ho sebetsa ka baka la ho kula
Dibenefiti di leshwa ho tloha letsatsing leo mosebetsi a tlohetseng ho sebetsa ka baka la ho kula
Lengolo la ngaka le lokela ho romelwa ho tshehetsa hore mosebetsi o tlohetse ho sebetsa ka baka la ho kula
Dibenefiti tse leshwang ke phapang pakeng tsa seo ramosebetsi a se lefang le sekgahla se balletsweng shejulung ya dibenefiti tsa Molao wa Inshorense ya ho hloka mosebetsi. Ha ho shejwa tjhelete e lefilweng ke ramosebetsi le tjhelete e balletsweng shejulung ya dibenefiti, tjhelete yohle e amohetsweng ha e a lokela ho feta 100% ya moputso o tlwaelehileng oo motho a neng a tla o fumana ha a ne a ntse a sebetsa
Dibenefiti di lefellwa feela dinako tsa ho kula tsa bolelele bo fetang matsatsi a 14
Ho shebilwe dintlha, dibenefiti di ka leshwa ho fihla ho matsatsi a 238 nakong e nngwe le e nngwe ya dilemo tse nne.
Dibenefiti tsa boimana
Kopo ya dibenefiti tsa boimana e lokela ho etswa bonyane dibeke tse robedi pele ho tlhaho ya ngwana kapa nakong ya dikgwedi tse tsheletseng ka mora hore ngwana a hlahe
Dibenefiti di leshwa monyehedi e motshehadi nakong ya boimana, ho kena tlung kapa ka morao ho moo
Dibenefiti tse leshwang ke phapang pakeng tsa seo ramosebetsi a se lefang le sekgahla se balletsweng shejulung ya dibenefiti tsa Molao wa Inshorense ya ho hloka mosebetsi. Ha ho shejwa tjhelete e lefilweng ke ramosebetsi le tjhelete e balletsweng shejulung ya dibenefiti, tjhelete yohle e amohetsweng ha e a lokela ho feta 100% ya moputso o tlwaelehileng oo motho a neng a tla o fumana ha a ne a ntse a sebetsa
Ho shebilwe dintlha, dibenefiti di ka leshwa ho fihla matsatsing a 121. Kopo ya dibenefiti tsa boimana ha e ame ditokelo tsa monyehedi tsa dibenefiti tsa ho hloka mosebetsi. Sena se bolela hore mosebetsi o ntse a ka nna a fumana dibenefiti tsa ho hloka mosebetsi ha mosebetsi a ka hloka mosebetsi
Ha moimana a ka senyehelwa kapa ngwana a hlaha a kgathetse, dibenefiti di leshwa ho fihla dikgweding tse tsheletseng ka mora ho senyehelwa kapa ho hlaha ha ngwana a kgathetse
Dibenefiti tsa ho inkela ngwana ka molao
Kopo ya dibenefiti e lokela ho etswa nakong ya dikgwedi tse tsheletseng ka mora letsatsi leo tumello ya ho inkela ngwana ka molao e ntshitsweng ke Lekgotla le nang le bokgoni ba ho etsa jwalo
Ngwana ya nkilweng ka molao o lokela ho se fete dilemo tse pedi ka boholo
Ke monyehedi a le mong feela ho batswadi ba inkelang ngwana ka molao ya ka etsang kopo ya dibenefiti
Ngwana o lokela ho inkelwa ka molao ho ya ka Molao wa Tlhokomelo ya bana wa 1983
Nako eo a sa sebetseng e lokela ho sebediswa ho hlokomela ngwana
Dibenefiti di leshwa ho tloha letsatsing leo Lekgotla le faneng ka Tumello ya Ho inkela ngwana ka molao
Dibenefiti tse leshwang ke phapang pakeng tsa seo ramosebetsi a se lefang le sekgahla se balletsweng shejulung ya dibenefiti. Le mona ha ho shejwa tjhelete e lefilweng ke ramosebetsi le tjhelete e balletsweng shejulung ya dibenefiti, tjhelete yohle e amohetsweng ha e a lokela ho feta 100% ya moputso o tlwaelehileng oo motho a neng a tla o fumana ha a ne a ntse a sebetsa
Ho shebilwe dintlha, dibenefiti di ka leshwa ho fihla ho matsatsi a 238 nakong e nngwe le e nngwe ya dilemo tse nne.
Dibenefiti tsa baotlwa (Lefu)
Molekane/Mophedisani ya setseng o lokela ho etsa kopo ya dibenefiti nakong ya dikgwedi tse tsheletseng. Ngwana ya otlwang a ka etsa kopo ya dibenefiti ha eba molekane/mophedisani ya setseng a eso etse kopo nakong ya dikgwedi tse tsheletseng ya lefu la monyehedi
Dinyehelo di leshwa molekane ya setseng kapa mophedisani wa monyehedi ya hlokahetseng, ha kopo e entswe
Kopo e lokela ho etswa foromong e balletswe sena setsing se haufi sa mosebetsi
Ngwana ofe kapa ofe ya phediswang ya ka tlasa dilemo tse 25 a ka fumana dibenefiti ebang ho se molekane ya setseng
Ho shebilwe dintlha, dibenefiti di ka leshwa ho fihla ho matsatsi a 238 nakong e nngwe le e nngwe ya dilemo tse nne.
Dibenefiti tse leshwang di lekana le dibenefiti tsa ho hloka mosebetsi tse neng di tla leshwa ha monyehedi a ne a ntse a phela.
Ke neng moo monyehedi a ke keng a fumana dibenefiti?
Ha eba monyehedi a amohela Phenshene ya Setjhaba ya Mmuso (ntle le thuso ya boqhwala kapa ya sapoto). Ka Phenshene ya kgwedi le kgwedi e tswang mmusong ho bolelwa thuso e fuwang maqheku ke Mmuso ho ya ka Molao wa Thuso ya Setjhaba o hlomathisitsweng
Ha eba monyehedi a amohela tjhelete e tswang Letloleng la Puseletso ka baka la ho kula kapa ho tswa kotsi ho bakileng ho hloka mosebetsi ha nakwana kapa ha nako tsohle ha monyehedi
Ha eba monyehedi a amohela dibenefiti tse tswang letloleng kapa sekeming sefe kapa sefe se thehilweng ho ya ka Molao wa Dikamano Mosebetsing
Ha monyehedi a hloleha ho ikobela ditaelo tsa Molao wa Inshorense ya ho hloka mosebetsi
Ha monyehedi a emisitswe ho amohela dibenefiti hobane a ne a sebetsa a bile a amohela dibenefiti kapa a entse boqhekanyetsi bo amanang le UIF
Ha monyehedi a itokollotse mosebetsing
Tharollo ya Kganano
Letlole la Inshorense ya ho hloka mosebetsi le thehile Dikomiti tsa Boipiletso tsa Dirijine ho sebetsana le dikganano diprovenseng tsohle. Monyehedi ya foseditsweng a ka etsa boipiletso mabapi le qeto ya Khomishenara kapa mohlanka wa dipatlo ho ya ka temana ya 37 ka ho romela foromo e tlatsitsweng e balletsweng (UI 12) ka ho ikisetsa yona kapa ka lengolo le rejistarilweng ho Komiti ya Boipiletso ya Rijine e ditsing tsa mosebetsi tsa Lefapha la Mesebetsi.
Boikarabelo ba ramosebetsi ke bofe ka mora ho tswa ha mosebetsi mosebetsing?
Ho tlatswe Foromo UI-19 kapa UI-19D mme e busetswe Letloleng kapa ho e nngwe ya dikantoro tsa Lefapha la Mesebetsi
Lesedi ka mosebetsi kapa basebetsi bao le tla lokiswa ho bontsha boemo ba ditaba ka nako eo
Ho hloleha ho romela UI-19 kapa UI-19D ho ka baka tiehiso tshebetsong ya dipatlo tsa ho hloka mosebetsi kapa dibenefiti tse ding
Eletsa bao e neng e le basebetsi ho etela kantoro e haufi ya Lefapha la Mesebetsi.
Boramosebetsi ba ka ikopanya le Letlole kapa e nngwe ya dikantoro tsa Lefapha la Mesebetsi mme ba kope hore boingodiso ba bona bo hlakolwe. Nomoro ya boitsebiso ya UIF le letsatsi, leo tlameho e kgaotsang ka lona, di lokela ho hlahiswa ka dinako tsohle. UI-19 e lokisitsweng e lokela ho romelwa Letloleng ha kgwebo e kwalwa.
Ramosebetsi o ngodisa kgwebo e ntjha jwang Letloleng?
Diforomo tsa boingodiso tsa UI-8 le UI-8D (boingodiso ba ramosebetsi) le
UI-19 le UI-19D (ngodiso ya basebetsi) di ka kopitswa websaeteng, kapa di ka boela tsa fumanwa Letloleng kapa kantorong efe kapa efe e haufi ya
Lefapha la Mesebetsi
Diforomo tse tlatsitsweng ha di hloke ho fetisetswa UIF bakeng sa boingodiso empa di ka iswa kantorong e haufi ya Lefapha la Mesebetsi ho phethelwa, kapa
Boramosebetsi ba ka boela ba sebedisa monyetla wa fekse e ikgethang ka ho letsetsa 086 712 2000
Boingodiso bo ka etswa ka mohala ka ho letsetsa 337 1680
Diforomo tse tlatsitsweng di ka posetswa UIF, Pretoria, 0052. Hlokomela hle hore tjhelete ya poso e lokela ho leshwa dinthong tsohle tse romellwang Letloleng.
Tshebetso ya ho ingodisa e nka nako e kae?
Boingodiso bohle bo tla phethwa nakong ya dihora tse 48 ka mora ho amohela diforomo tsa kopo.
Ramosebetsi o tla tseba jwang hore mosebetsi wa hae o ngodisitswe Letloleng?
Ha eba foromo ya UI-19 e tlatsitsweng e romelletswe e mabapi le mosebetsi ya sebelletsang ramosebetsi, ho tla romelwa tiisetso ya ngodiso.
Na basebetsi ba fuwa nomoro e ka thoko?
Nomoro ya ho boitsebiso e fuwa ramosebetsi, mme basebetsi bohle ba sebeletsang ramosebetsi eo ba ?hokellwa? nomorong ya boitsebiso ya ramosebetsi. Ha ho na le kganano ho hlokahala hore nomoro ya boitsebiso ya ramosebetsi le nomoro ya ID ya mosebetsi di hlahiswe.
Ha kgwebo e se e ngodisitswe Letloleng na ho ka sebediswa nomoro eo ya boitsebiso ho ngodisa mosebetsi wa lapeng?
Tjhe. Mosebetsi wa lapeng o lokela ho ngodiswa ka thoko.
Dintlha tse latelang le tsona di lokela ho elwa hloko
Molao wa Nyehelo ya Inshorense ya Ho hloka mosebetsi wa 2002 (Molao wa 4 wa 2002) o hlalosa ?mosebetsi wa lapeng? e le mosebetsi ya etsang mosebetsi wa lapeng ka hara lelapa la ramosebetsi wa hae mme o kenyelletsa le mosebetsi wa jarete, motho ya hirilweng lapeng e le mokganni wa koloi le motho ya hlokomelang motho ofe kapa ofe ka lapeng, empa ha e kenyelletse mosebetsi wa polasing
Ho ya ka Molao o boletsweng, basebeletsi ba lapeng le boramosebetsi ba bona ba ile ba tlameha ho nyehela ho UIF ho tloha ka la 1 Mmesa 2003. Boingodiso bo ke ke ba iswa morao.
Moo lelapa le le leng le hirileng basebetsi ba fetang bonngwe, ho hlokahala ngodiso e le nngwe feela ya basebetsi ba lapeng
Ha mosebetsi wa lapeng a hirilwe ke boramosebetsi ba fetang bonngwe ramosebetsi ka mong o lokela ho ngodisa ka boikgetho mme a nnetefatse hore mosebetsi wa lapeng o ngodisitswe. Sena se boletsweng se boetse se sebetsa le ho mahokela kapa bahlokomedi ba dibuka ba tsamaisang ditaba tsa boramosebetsi ba fetang bonngwe
Boingodiso bo arohaneng bo boetse bo a hlokahala maemong ao ho ona ramosebetsi wa kgwebo e boetseng e le ramosebetsi wa mosebetsi wa lapeng. Boingodiso le tefo ya dinyehelo tsa basebetsi ba lapeng di ka nna tsa se kenyelletswe ho tsa kgwebo
Batho ba hirilweng ke dikgwebo tse etsetswang matlong ha ba nkwe e le basebeletsi ba lapeng
Batho ba hirilweng ke dikgwebo tse kgolo e le basebetsi ba jarete kapa bahlwekisi meahong le bona ha ba nkwe ba hirilwe malapeng
Dikhamphani, di-Close Corporation, di-Partnership le dikgwebo tse ding tse kgolo ha di nkwe e le boramosebetsi ba basebetsi ba lapeng
Ho nkwa e le boqhekanyetsi ha baamohedi ba dibenefiti ba kgutlela mosebetsing empa ba sa tsebise Letlole ka boemo ba bona bo botjha mme ba tswela pele ho amohela dibenefiti.
Ditokomane tse lokelang ho ba teng ha basebetsi ba kopa dibenefiti tsa UIF
Dibenefiti tse Tlwaelehileng Dibenefiti tsa Boimana Dibenefiti tsa ho kula Dibenefiti tsa ho inkela ngwana ka molao Dibenefiti tsa Baotlwa ID ya Rephaboliki ya Afrika Borwa e nang le bakhouto ya didijiti tse 13 kapa Phasepoto ID ya Rephaboliki ya Afrika Borwa e nang le bakhouto ya didijiti tse 13 kapa Phasepoto ID ya Rephaboliki ya Afrika Borwa e nang le bakhouto ya didijiti tse 13 kapa Phasepoto ID ya Rephaboliki ya Afrika Borwa e nang le bakhouto ya didijiti tse 13 kapa Phasepoto ID ya Rephaboliki ya Afrika Borwa e nang le bakhouto ya didijiti tse 13 kapa Phasepoto ya Moikopedi ID ya Rephaboliki ya Afrika Borwa e nang le bakhouto ya didijiti tse 13 kapa Phasepoto ya Mofu Dintlha tsa banka UI-2.8 Dintlha tsa banka UI-2.8 Dintlha tsa banka UI-2.8 Dintlha tsa banka UI-2.8 Dintlha tsa banka UI-2.8 UI-19 ebang ho hlokahala UI 2.7 e tlatsitsweng ebang ho hlokahala UI-19 ebang ho hlokahala Foromo ya UI 2.7 e tlatsitsweng UI-19 ebang ho hlokahala Foromo ya UI 2.7 e tlatsitsweng Bopaki ba ngodiso jwalo ka mmatli wa mosebetsi Foromo ya boikopelo ya UI-2.3 Lengolo la ngaka Foromo ya boikopelo ya UI-2.4 Lengolo la lenyalo Lengolo la ngaka le bolelang ka letsatsi le lebelletsweng la ho kena tlung, kapa ka mora ho pepa, lengolo la tlhaho. Raporoto ya ngaka e batsi ebang ho hlokahala Lengolo la lefu la mofu ya nyehelang ebang ho hlokahala: Kopo e ke ke ya shejwa ka lengolo la lefu la ka ntle ho naha. Ke feela tumello ya lepato ya Afrika Borwa e ntshitsweng ke Lefapha la Lehae e tla amohelwa. Foromo ya tatediso ya UI-4 e tla ntshwa Foromo ya tatediso Kopi e tiisitsweng ya lengolo la tlhaho la ngwana ya nkilweng ka molao Lengolo la bohadi ebang ho hlokahala Kopi e tiisitsweng ya taelo ya ho inkela ngwana ka molao Lengolo la tlhaho Lengolo la kolobetso la mootlwa ebang ho hlokahala Tiiso ya ho kena sekolo E tla sebetsa ho baotlwa bohle ba mahareng a 21 le 25 a dilemo Lengolo la kano Mophedisani
Ka mehla baikopedi bohle ba UIF ba lokela ho hopola:
Ho boloka ID ya Rephaboliki ya Afrika Borwa e nang le bakhouto ya didijiti tse 13 kapa Phasepoto ka hloko
Ho tsebisa mohlanka wa dipatlo ha o boela mosebetsing empa o ntse o amohela dibenefiti tsa UIF
Hore ke tlolo ya molao ho sebetsa o ntse o amohela dibenefiti tsa UIF ka nako e le nngwe
Ho itlaleha ka dinako le matsatsi a behilweng ke mohlanka wa dipatlo ha o eletswa ho etsa jwalo
Ho se etsa dipolelo tsa leshano
Ho se eme ho fihlela nako e feta pele o etsa kopo ya dibenefiti
Ho se lebelle ho amohela dibenefiti tsa UIF ha o itokollotse mosebetsing
Ho se romele diforomo tsa kopo ya dibenefiti tsa boqhekanyetsi
Ho se hane ntle le lebaka ho fumantshwa thupelo le tataiso ho tsa mosebetsi bakeng sa ho hirwa
Ho se itulele feela, o iphapanya ditaelo tsa mohlanka wa dipatlo
Dintlha tsa kgokahano
Dintlha tsa banka tsa UIF
E.H.: Boramosebetsi bohle ba sa tlamehang ho ingodisa ho SARS bakeng sa PAYE kapa SDL ba lokela ho romela dinyehelo tsa bona Letloleng la Inshorense ya ho hloka mosebetsi. Dintlha tsa banka tsa UIF di ka sebediswa ho kenya dinyehelo tsa UIF:
Banka Nomoro ya akhaonte Khouto ya lekala Mokga
NEDBANK
E.H.: Ka mehla nnetefatsa hore nomoro ya hao ya boitsebiso ya UIF e ngotswe foromong ya ho kenya tjhelete bankeng ha ho leshwa.
Diaterese
SARS
Aterese ya moaho:
Aterese ya poso
Mohala: 012 422 4000
Dikantoro tsa Diprovense le Ditsi tsa Mosebetsi
Mohala: 337 1700
Kantoro ya provense ya Kapa Botjhabela
Ditsi tsa Mosebetsi
Cradock Mohala 8813010
Grahamstown Mohala 6222104
Mdantsane Mohala 7613151
Uitenhage Mohala 9924627
Kantoro ya Provense ya Foreistata
Bloemfontein Mohala: 505 6200
Ditsi tsa Mosebetsi
Harrismith Mohala 623 2977
Koffiefontein Mohala 205 0298
Kroonstad Mohala 212 4471
Sasolburg Mohala 970 3200
Kantoro ya Provense Gauteng Leboya
Ditsi tsa Mosebetsi
Atteridgeville Mohala 386 5114
Bronkhorstspruit Mohala 932 0197
Krugersdorp Mohala 955 4420
Soshanguve Mohala 799 7395
Kantoro ya Provense Gauteng Borwa
Johannesburg Mohala: 497 3000
Ditsi tsa Mosebetsi
Alberton Mohala 861 6130
Boksburg Mohala 898 3340
Brakpan Mohala 744 9000
Carletonville Mohala 788 3281
Johannesburg Mohala 497 3163
Roodepoort Mohala 766 2000
Sebokeng Mohala 988 2626
Kantoro ya Provense KwaZulu-Natal
Durban Mohala: 336 1500
Ditsi tsa Mosebetsi
Durban Mohala 336 1500
Pietermaritzburg Mohala 342 9361
Pinetown Mohala 700 2206
Richardsbay Mohala 789 3760
Kantoro ya Provense Limpopo
Polokwane Mohala: 290 1744
Ditsi tsa Mosebetsi
Ellisras Mohala 763 216
Nylstroom Mohala 7171046
Polokwane Mohala 290 1744
Tzaneen Mohala 306 2600
Kantoro ya Provense Mpumalanga
Ditsi tsa Mosebetsi
Barberton Mohala 712 3066
Groblersdal Mohala 262 3150
Lydenburg Mohala 235 2368
Middelburg Mohala 283 3600
Kantoro ya Provense Kapa Leboya
Ditsi tsa Mosebetsi
Kantoro ya Provense Leboya Bophirima
Mafikeng Mohala: 387 1800
Ditsi tsa Mosebetsi
Mafikeng Mohala 381 1010
Rustenburg Mohala 592 8214
Taung Mohala 994 1679
Vryburg Mohala 927 5221
Kantoro ya Provense Kapa Bophirima
Ditsi tsa Mosebetsi
Knysna Mohala 382 3150
Bellville Mohala 945 3827
Vredenburg Mohala 715 1627
